Moruti Moeti Johannes Kofa o hlahetse seterekeng sa Ficksburg sebakeng se bitswang Cecilia. O kene sekolo hona sebakeng seo sa habo. Ho ba a qete sehlopha sa botshelela, o ile a ntshetsa dithuto tsa hae pele ka ngollano a ntse a le hae ho fihlela a qeta lengolo la JC.
Ho tloha moo o ile a fumana pitso ya ho ya ithutela boruti, mme a ya kena sekolo Lefika Witsieshoek ya nako yeo. Ka bomadimabe ha a fihla sekolong Lefika, ke ha boruting ho se ho hlokeha hore motho a be le sehlopa sa leshome. A tlameha ho kena ka sehlopeng sa Boboledi a ntse a bile a ithuta ka ngollano ho etsa dithuto tsa sehlopa sa leshome.
Ho ba a qete sehlopha sa leshome, a tswela pele ka dithuto tsa boruti. A ba a fetela pele ho la Kwa-Zulu Natala Unibesithing ya Zululand (Ngoye) ho ya ntshetsa dithuto tsa hae pele. Ha a qetile, a kena tshimong mosebetsing wa boruti phuthehong ya Petrus Steyn.